Tshimoloho 45:10-24 BIBELE (SSO89SO)

10. O tla jaka seterekeng sa Goshene, o tlo be haufi le nna, wena le bara ba hao, le ditloholo tsa hao, le mehlape ya hao ya dinku le ya dikgomo, le tsohle tseo o nang le tsona.

11. Ke tla o baballa teng, hobane ho sa tla dilemo tse hlano tsa tlala, esere mohlomong wena, le ba lelapa la hao, le tsohle tseo o nang le tsona, la futsaneha.>

12. “Jwale le a mpona, le mahlo a moena ka Benjamine a a bona hore ke molomo wa ka o buang le lona.

13. Tsebisang ntate hlompho yohle eo ke nang le yona mona Egepeta, le tsohle tseo le di boneng. Potlakang, le theolele ntate kwano.”

14. Yaba o kopa moena hae Benjamine ka molala, o a lla; le meokgo ya Benjamine ya tsholohela molaleng wa ngwanabo.

15. A aka bana babo kaofela, a lla. Kamora tseo bana babo ba qoqa le yena.

16. Ha ho bolelwa tlung ya Faro, ho thwe: “Bana babo Josefa ba fihlile.” Faro a thaba, le bahlanka ba hae ba thaba.

17. Yaba Faro o re ho Josefa: “Ere ho bana beno: <Etsang tjena: bofang dipelesa tsa lona, le kgutlele naheng ya Kanana.

18. Le late ntata lona le ba malapa a lona, le tle ho nna, mme ke tla le nea moo naha ya Egepeta e nonneng teng, le je mafureng a naha.>

19. “Ba laele hape, o re: <Etsang tjena: Nkang makoloi mona Egepeta, le yo lata bana ba lona le basadi ba lona; le nke le ntata lona, le tle kwano.

20. Se lleleng thepa ya lona e salang, hobane tse molemo tsa naha yohle ya Egepeta ke tsa lona.> ”

21. Bara ba Iseraele ba etsa jwalo. Josefa a ba nea makoloi ho ya ka taelo ya Faro, a ba nea le mofao.

22. Bohle a ba nea diaparo tse ntjha, empa Benjamine yena a mo nea silefera e ka etsang boima ba dikilo tse tharo le halofo, le mefuta e mehlano ya diaparo tse ntjha.

23. Ho ntatae a romela tsena: ditonki tse leshome, tse bofileng dintho tsa bohlokwa tsa Egepeta; le ditonki tse leshome, tse tshehadi, tse bofileng koro, le bohobe, le mofao wa ntatae.

24. Jwale a re bana babo ba tsamaye, mme ba tsamaya. A re ho bona: “Le se ke la qabana ha le le tseleng.”

Tshimoloho 45