Tshimoloho 31:40-49 BIBELE (SSO89SO)

40. Motsheare letsatsi le ne le ntjhesa, bosiu ke hatsela, mme ke hlobaela. Ke seo ke neng ke le sona.

41. Ka lemo tsena tse mashome a mabedi ke bile ka tlung ya hao; ka tse leshome le metso e mene tsa tsona ka sebeletsa ho fumana baradi ba hao ba babedi, mme ka lemo tse tsheletseng ka sebeletsa mehlape ya hao. Ka makgetlo a leshome o ile wa fetola moputso wa ka.

42. Hoja Modimo wa ntate, Modimo wa Aborahama, ya tshajwang ke Isaka, ha a a ka a ba lehlakoreng la ka, ruri jwale o ka be o ntokolotse ke itlhophere! Modimo o ile a bona matshwenyeho a ka, le mosebetsi wa diatla tsa ka, mme a o kgalemela bosiung bo fetileng.”

43. Yaba Labane o a araba, o re ho Jakobo: “Baradi bana ke baradi ba ka, bana bana ke bana ba ka, le mohlape ona ke mohlape wa ka, mme le tsohle tseo o di bonang ke tsa ka. Empa kajeno nka etsang ho baradi ba ka, le ho bana bao ba ba tswetseng?

44. Tloo jwale, re etse selekane le wena, mme e be bopaki pakeng tsa rona le wena.”

45. Jakobo a nka lejwe, a hloma mokolokotwane.

46. Yaba Jakobo o re ho bana babo: “Bokellang majwe!” Ba nka majwe ba etsa qubu, mme ba jella qubung eo.

47. Labane a re qubu eo ke Jegare-Sahaduta, empa Jakobo yena a e bitsa Galede.

48. Labane a re: “Qubu ena ke paki pakeng tsa rona le wena kajeno.” Ka lebaka leo a e bitsa Galede,

49. mme mokolokotwane a o bitsa Misepa, hobane o ile a re: “Morena a lebele pakeng tsa rona le wena, ha re se re arohane.

Tshimoloho 31