Tshimoloho 27:18-26 BIBELE (SSO89SO)

18. Yaba Jakobo o ya ho ntatae, o fihla, a re: “Ntate!”Yena a arabela, a re: “Ke nna enwa! O mang, ngwana ka?”

19. Jakobo a re ho ntatae: “Ke nna Esau, matsibolo a hao, mme ke entse kamoo o ntaetseng kateng. Ako tsohe hle, o dule, o je nama ya tseo ke tswa di tsoma, o tle o ntlhohonolofatse.”

20. Empa Isaka a re ho mora wa hae: “O e fumane kapele hakaakang, ngwana ka?”Jakobo a araba, a re: “Ke hobane Morena, Modimo wa hao, o ile a nkatlehisa.”

21. Yaba Isaka o re ho Jakobo: “Ako atamele hle, ke o phopholetse ngwana ka ke utlwe hore na efela e le wena mora wa ka Esau, kapa tjhe.”

22. Jwale Jakobo a atamela ho ntatae Isaka; yena a mo phopholetsa, mme a re: “Lentswe ke lentswe la Jakobo, empa matsoho ke matsoho a Esau.”

23. A se ke a ba a mo tseba, hobane matsoho a hae a ne a ena le mohwete jwaloka matsoho a moholwane wa hae Esau. Yaba o a mo hlohonolofatsa.

24. A re: “Na o fela o le mora wa ka Esau?”Jakobo a arabela, a re: “Ke yena!”

25. Jwale a re: “Ntlisetse yona, ke je nama ya tse tsomilweng ke mora wa ka mme ke o hlohonolatse.”Yaba o e tlisa ho yena, mme a ja; a mo tlisetsa le veine mme a nwa.

26. Jwale ntatae Isaka a re ho yena: “Atamela jwale, ngwana ka o nkake.”

Tshimoloho 27