Tshimoloho 18:4-7 BIBELE (SSO89SO)

4. A ho ke ho tliswe metsinyana, le hlatswe maoto a lona, le phomole tlasa sefate.

5. Ke sa ilo le batlela sengwathwana sa bohobe, le tle le thobe pelo tsa lona, ebe jwale le a feta, hobane le fapohetse ha mohlanka wa lona.”Yaba ba re: “Etsa jwalokaha o boletse.”

6. Aborahama a potlakela ho Sara, ka tenteng, a re: “Phakisa o nke dirotwana tse tharo tsa phofo e thumisehileng, o e dube, o etse maqebekwane.”

7. Jwale Aborahama a mathela mohlapeng wa dikgomo, a kgetha namane e nonneng, e nama e bonojwana, mme a e nea mohlanka; yena a e hlaba ka potlako.

Tshimoloho 18