Tshimoloho 18:3-8 BIBELE (SSO89SO)

3. a re: “Morena wa ka, haeba kajeno o nkgauhetse, ke a o rapela, o se ke wa feta ha mohlanka wa hao.

4. A ho ke ho tliswe metsinyana, le hlatswe maoto a lona, le phomole tlasa sefate.

5. Ke sa ilo le batlela sengwathwana sa bohobe, le tle le thobe pelo tsa lona, ebe jwale le a feta, hobane le fapohetse ha mohlanka wa lona.”Yaba ba re: “Etsa jwalokaha o boletse.”

6. Aborahama a potlakela ho Sara, ka tenteng, a re: “Phakisa o nke dirotwana tse tharo tsa phofo e thumisehileng, o e dube, o etse maqebekwane.”

7. Jwale Aborahama a mathela mohlapeng wa dikgomo, a kgetha namane e nonneng, e nama e bonojwana, mme a e nea mohlanka; yena a e hlaba ka potlako.

8. A nka sereledi le lebese la motsididi, le nama ya namane e phehilweng hantle, tsena a di bea kapele ho bona; yena a ema pela bona, tlasa sefate, ha ba ntse ba eja.

Tshimoloho 18