Tshenolo 9:18-21 BIBELE (SSO89SO)

18. Karolo ya boraro ya batho ya bolawa ka dikotlo tsena tse tharo, e leng mollo, le mosi, le sebabole, tse betsehang melomong ya tsona.

19. Matla a dipere tseo a melomong le mehatleng ya tsona. Mehatla ya tsona e tshwana le dinoha, e na le dihlooho tseo e senyang ka tsona.

20. Ha e le batho ba sa kang ba bolawa ka dikotlo tsena, ha ba a ka ba bakela mesebetsi ya bona; ba nnile ba tswela pele ho kgumamela bademona, ditshwantsho tsa medimo ya bohata, tsa kgauta, le tsa silefera, le tsa lethose, le tsa lejwe, le tsa lehong, tse ke keng tsa bona, kapa tsa utlwa, kapa tsa tsamaya.

21. Ha ba a ka ba bakela dipolao tsa bona, kapa boloi ba bona, kapa bohlola ba bona, kapa boshodu ba bona.

Tshenolo 9