1. Eitse ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa bosupa, lehodimong ha kgutsa nako e ka bang halofo ya hora.
2. Yaba ke bona mangeloi a supileng, a emeng kapele ho Modimo, a newa diterompeta tse supileng.
3. Lengeloi le leng la tla, la ema pela aletare le tshwere pitsa ya kgauta eo ho tjhesetswang mokubetso ka ho yona. La newa mekubetso e mengata, hore le tle le nyehele ka yona, le ka dithapelo tsa bahalaledi bohle, hodima aletare ya kgauta e kapele ho terone.
4. Mosi wa mokubetso, hammoho le dithapelo tsa bahalaledi, wa nyolohela ho Modimo o etswa letsohong la lengeloi.