3. Empa ho ne ho se motho lehodimong, kapa lefatsheng, kapa botebong ba lefatshe, ya ka phetlang buka, leha e le ho e bala.
4. Yaba ke lla habohloko, hobane ho sa ka ha fumanwa ya lokelang ho phetla buka, leha e le ho e bala.
5. Empa e mong wa baholo a re ho nna: “O se ke wa lla. Bona, Tau ya leloko la Juda, Lehlomela la Davida, o hlotse. O tla phetla buka le ho kgomarolla dibitielo tse supileng tsa yona.”
6. Jwale ka bona Konyana e emeng bohareng ba terone, e teetswe hare ke dibopuwa tse nne tse phelang, le ke baholo. Konyana e ne e bonahala eka e hlabilwe. E ne e ena le dinaka tse supileng le mahlo a supileng, e leng meya e supileng ya Modimo, e rometsweng lefatsheng lohle.
7. Konyana ya tla, ya nka buka e letsohong le letona la ya dutseng teroneng.
8. Eitse ha e nka buka, dibopuwa tse nne tse phelang, le baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba itihela fatshe kapele ho Konyana. E mong le e mong o ne a tshwere harepa le lefiswana la kgauta le tletseng mokubetso, oo e leng dithapelo tsa bahalaledi.