14. O tla atametsa le bara ba hae, o ba apese diaparo tse fihlang maotong.
15. O tla ba tlotsa jwalokaha o ile wa tlotsa ntata bona, mme ba tla ntshebeletsa e le baprista ba ka. Ho tlotsetswa boprista e tla ba ha mehla yohle, ho ya fihla ditloholong tsa bona.”
16. Yaba Moshe o etsa tsohle ho ya kamoo Morena a neng a mo laetse kateng.
17. Ka letsatsi la pele, la kgwedi ya pele, selemong sa bobedi, Leaho la hlongwa.
18. Moshe a hloma Leaho, a bea ditshehetso tsa lona, a bea le dithupa tsa lona, a bea le maballo a lona, a hloma le ditshiya tsa lona.
19. A kwahela Leaho ka masela, mme a bea marulelo hodima yona, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.