Phallo 2:6-12 BIBELE (SSO89SO)

6. Ha a se kwaholla, a bona ngwana wa moshanyana a ntse a lla. A mo hauhela, a re: “Enwa ke e mong wa bana ba Baheberu.”

7. Yaba kgaitsedi ya ngwana eo e re ho moradi wa Faro: “Na nka ya o bitsetsa mosadi wa Moheberu ya nyantshang, a tle a o nyantshetse ngwana eo?”

8. Moradi wa Faro a re ho yena: “Tsamaya!” Ngwanana a ya, a bitsa mma ngwana eo.

9. Yaba moradi wa Faro o re: “Nka ngwana enwa, o yo nnyantshetsa yena, mme ke tla o nea moputso wa hao.” Mosadi eo a nka ngwana, mme a ya mo nyantsha.

10. Ha ngwana a se a hodile, mosadi a mo tlisa ho moradi wa Faro, ya eba mora wa hae. A mo rea lebitso la Moshe, a re: “Ke hobane ke mo inotse metsing.”

11. Ka tsatsi le leng, ha Moshe a se a hodile, a etela bana babo, mme a bona mosebetsi o boima, oo ba o etsang. Ke ha a bona monna wa Moegepeta a otla monna wa Moheberu wa ba habo Moshe.

12. A qamaka ka nqa tsohle, mme ha a bona hore ha ho motho, a bolaya Moegepeta eo, a mo epela lehlabatheng.

Phallo 2