3. Faro o tla re: <Bana ba Iseraele ba ntse ba lelera hara naha; lehwatata le ba thibetse.>
4. Ke tla thatafatsa pelo ya Faro, mme o tla le phaladisa. Ke tla itlotlisa ka Faro le ka lebotho la hae kaofela. Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Morena.β Yaba Baiseraele ba etsa jwalo.
5. Ha kgosi ya Egepeta e tsebiswa hore Baiseraele ba balehile, Faro le bahlanka ba hae ba fetohela setjhaba seo, ba re: βRe ne re etsang ha re lokolla Baiseraele ba neng ba re sebeletsa?β
6. Faro a hlopha dikariki tsa hae tsa ntwa, mme a nka le setjhaba sa hae.
7. A nka dikariki tsa ntwa tse makgolo a tsheletseng, tse kgethilweng, le dikariki tsohle tsa Egepeta, le balaodi ba di laolang.