11. Yaba ba re ho Moshe: “Na ho ne ho se mabitla Egepeta, ha o re tlisitse ho tla shwela lehwatateng moo? Keng ntho ee eo o e entseng ho rona, ha o re ntshitse Egepeta?
12. Na ha re a ka ra o bolella pele re tloha Egepeta, ra re: <Re hlokomolohe, o re tlohelle re sebeletse Baegepeta>? Ho molemo ho rona ho sebeletsa Baegepeta, ho ena le hore re tlo shwela lehwatateng mona!”
13. Yaba Moshe o re ho setjhaba: “Se tshabeng; emang le tiile, le tle le bone pholoho eo Morena a tla le etsetsa yona kajeno, hobane jwalokaha le bona Baegepeta kajeno, ha le sa tla hlola le ba bona le ka mohla, ho isa kgale.
14. Morena o tla le lwanela, lona le ntse le itholetse!”
15. Morena a re ho Moshe: “Ke hobaneng o ntseng o ipiletsa ho nna? Bolella bana ba Iseraele hore ba tsamaye.
16. Wena phahamisa molamu wa hao, o otlollele letsoho la hao hodima lewatle, mme o le arole koto tse pedi, bana ba Iseraele ba tle ba tsamaye hara lewatle, mobung o ommeng.