13. Ka lebaka lena, ka bea batho kamora lerako moo le sa leng tlase, ka ba bea ka malapa abo bona, ba tshwere disabole tsa bona, le marumo a bona, le diqha tsa bona.
14. Yaba ke a qamaka, ke ema kapele ho mahosana, le kapele ho babusi, le kapele ho setjhaba sohle, ke re: “Le se ke la ba tshaba. Hopolang Morena ya matla ya tshabehang, mme le lwanele bana babo lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le basadi ba lona, le matlo a lona.”
15. Ha dira tsa rona di utlwa hore re se re tseba morero wa tsona, le hore Modimo o nyopisitse morero oo wa tsona, yaba rona bohle re kgutlela lerakong, motho ka mong a ba mosebetsing wa hae.
16. Ho tloha mohlang oo, halofo ya bahlanka ba ka ya nna ya sebetsa, empa halofo e nngwe yona ya dula e hlometse ka marumo, le ka dithebe, le ka diqha, e apere diaparo tsa ntwa, tse entsweng ka tshepe. Babusi ba ne ba eme kamora setjhaba sohle sa Juda,
17. e leng se neng se haha lerako. Motho ka mong wa ba neng ba thotha thepa, o ne a sebetsa ka letsoho le leng, ka le leng a tshwere dihlomo.
18. Sehahi ka seng se ne se haha se ntse se leketlisitse sabole qholong, mme ya letsang lenaka la pheleu yena a eme pela ka.
19. Yaba ke re ho mahosana, le ho babusi, le ho setjhaba sohle: “Mosebetsi ona o moholo, o nametse hole, mme re se re qaqolohane haholo, ho ya le lerako lena.
20. Kae kapa kae, moo le tla utlwa lenaka le lla teng, le bokanele hona teng ho rona, mme Modimo wa rona o tla re lwanela!”
21. Yaba re ntse re sebetsa, mme halofo e nngwe ya bona e tshwere marumo ho tloha hoseng, ho fihlela ha dinaledi di hlaha.