Nehemia 10:36-38 BIBELE (SSO89SO)

36. “Jwalokaha ho ngotswe Molaong, re tla tlisa matsibolo a bara ba rona, le a diphoofolo tsa rona, le a mehlape ya dikgomo tsa rona, le a dikgutshwane tsa rona, ka Tempeleng ya Morena, re a nee baprista ba sebeletsang ka Tempeleng ya Morena.

37. “Ka matlung a polokelo a Tempele ya Modimo wa rona, re tla tlisetsa baprista hlama ya dilopotsiya tsa koro, le dinyehelo tsa rona, le ditholwana tsa mefuta yohle ya difate, le tsa veine, le tsa ole. Re tla tlisetsa Balevi karolo e le nngwe ho tse leshome tsa tse tswang masimong a rona, hobane ke bona Balevi bao ba fumanang karolo e le nngwe ho tse leshome tsa tsohle tseo re di lemang.

38. Moprista, eo e leng mora wa Arone, o tla ba teng ha Balevi ba amohela karolo e le nngwe ho tse leshome. Jwale Balevi ba tla tlisa karolo e le nngwe ya dikarolo tsohle tse leshome, e tswang dikarolong tsohle tsa leshome tse tlisitsweng ka Tempeleng ya Modimo wa rona, ba di kenye ka dikamoreng tsa letlole la Tempele.

Nehemia 10