Nahume 3:12-16 BIBELE (SSO89SO)

12. Qhobosheane tsohle tsa haodi ka fate tsa feiye,fate tsa feiye tse butswang pele:Ha di hlohlorwa, di a wa,di wela ka hanong la moji wa tsona.

13. Ako tadime mabotho a hao,kaofela a itshwanela le basadi feela!Dikgoro tsa naha ya hao di ahlame,di ahlametsehore dira tsa hao di kene;mollo o tjhesitse mekwallo ya tsona.

14. Ikgelle metsi,o itokisetse thibella,qhobosheane tsa hao o di matlafatse;tjheka letsopa, o dube seretse,ebe jwale o bopa setene!

15. Mollo o tla o tjhesetsa hona teng,sabole e o bolaele hona moo,e o je sa ditsie di kumola dijalo.Ata, o ikatise sa ditsienyane,o ikatise jwaloka bookgolane!

16. O ekeditse palo ya bahwebi ba hao,wa e eketsaho feta naledi tsa lehodimo.Jwalokaha ditsie di ye di je,ebe di a ikela,le bona ba tla o ja, ebe ba a ikela.

Nahume 3