5. Ho molemo ha o ke ke wa etsa kano, ho ena le hore o e etse, ebe ha o e phethahatse.
6. Se dumelle leleme la hao ho o kgannela sebeng, ebe jwale o re ho moromuwa wa Modimo: “Ke entse phoso!” Eba o etsetsang hore Modimo a halefiswe ke dipolelo tsa hao, ebe o fedisa mosebetsi wa matsoho a hao?
7. Ditoro tse ngata le dipolelo tse ngata ke mafeela, empa wena eka kgona o tshabe Modimo.
8. Ha o bona mofutsana a hatellwa, a amohuwa toka le ditokelo tsa hae naheng ya heno, tseo di se ke tsa o makatsa, hobane mookamedi o na le ya mo okametseng, mme baokamedi le bona ba na le mookamedi e moholo.
9. Se molemo ho setjhaba sohle ke kgosi e thahasellang temo.
10. Ya ratang tjheleteha e ke be e mo lekane,ya ratang leruokamehla o a le halala;hona le hona e sa le lefeela.
11. Ha leruo le ata,bafepuwa ba a ata;ebe le thusa monga lona ka eng,haese ho nna a le boha kamehla?
12. Mosebeletsi o robala boroko,ebang o a lapa kapa o a kgora,empa morui ya hafang ka nkatanaha a bo hlothe ke maruo a hae!
13. Ho na le bobe bo otlang pelo, boo ke bo boneng mona lefatsheng:Motho o bokella leruole tlise bosoto,
14. kapa ka bomadimabeebe le a senyeha,mora haea qetelle a sa fumana lefa.
15. Jwalokaha motho eoa tswetswe a le feela,o tla ya lebitlenga ntsa le feela.Hara tsohletseo a di sebeditseng,a ke ke a nka le e nngweka letsoho la hae.
16. Hona le honake bobe bo otlang pelo:Motho o ikela a le feelasa ha a tswalwa;ebe o fumanengka ho sebeletsa lelea?