17. Yaba ke hloya bophelo, hobane mosebetsi o etswang mona lefatsheng o no le bohloko ho nna. Kaofela ha wona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.
18. Ka hloya mesebetsi yohle eo ke e entseng mona lefatsheng, hobane ke tlameha ho e siela ya tla ntlhahlama.
19. Ke mang ya tsebang haeba eo o tla ba bohlale kapa e be sethoto? Leha ho le jwalo o tla laola mesebetsi yohle eo ke e entseng mona lefatsheng ka matla a ka le ka bohlale ba ka. Hona le hona ke lefeela.
20. Kahoo ka itshwabela ka baka la mesebetsi yohle eo ke e entseng mona lefatsheng.
21. Motho a ka sebetsa ka bohlale ba hae le ka tsebo le ka toka, empa tsena o tla di siya e le lefa la ya sa di sebeletsang. Hona le hona ke lefeela le bomadimabe bo boholo.
22. Motho o boellwa keng ka mosebetsi wohle o boima, o mo kgathatsang, oo a o etsang mona lefatsheng?
23. Matsatsi wohle a bophelo ba hae ke a ditsietsi, mme mosebetsi wa hae o tletse maswabi. E, bosiu ha a phomole, mme hona le hona ke lefeela.