Moruti 1:4-9 BIBELE (SSO89SO)

4. Moloko o a hlaha,moloko o a feta,fatshe lona le hlola kamehla yohle.

5. Tsatsi le a tjhaba,tsatsi le a dikela,le potlake hapeho kgutlela botjhabela.

6. Moya o fokela borwa,o fokele leboya,o potolohe jwalo,o kgutlele moo o tswang teng.

7. Dinoka tsohledi phallela lewatleng,empa lewatle ha le ke le tlala.Moo dinoka di phallelang teng,ke moo di phallelang teng kamehla.

8. Dintho tsohle di tena motho,di tena ho feta polelo ya motho;leihlo la mothoha le tenehe ke ho bona,tsebe ha e tlale tseo e di utlwang.

9. Se bileng teng se tla ba teng hape,se kileng sa etswa se tla etswa hape;ha ho letho le letjha mona lefatsheng.

Moruti 1