Meetlo 25:23-28 BIBELE (SSO89SO)

23. “ <Naha e se ke ya rekisetswa ruri, hobane ke ya ka, lona le baeti le bajaki ho nna.

24. Naheng yohle eo e leng lefa la lona, le tla dumella hore naha e rekilweng e boelane le monga yona ka ho buseletsa ya e rekileng.

25. “ <Ha ngwaneno a futsaneha, mme a rekisa karolo ya lefa la hae, wa habo, ya tswalanang le yena, o tla lopolla seo ngwanabo a se rekisitseng.

26. Ha motho a hloka ba habo, empa a ena le hona ho itefella tjhelete ya topollo,

27. eka kgona a bale dilemo tsa thekiso, ebe o lefa moreki tjhelete e lekanang dilemo tse sa setseng, pele ho mokete wa tokoloho o tlang, mme moreki a mmuseletse seo a se rekileng.

28. Haeba a sitwa ho mo lefa hore a tle a boellwe ke naha, naha eo e tla nne e be ya ya e rekileng, ho fihlela selemo se tlang sa mokete wa tokoloho. Ka selemo sa mokete wa tokoloho, naha eo e tla kgutlela ho monga yona wa pele.

Meetlo 25