Meetlo 22:14-23 BIBELE (SSO89SO)

14. “ <Ha monna a ka ja ntho e halalelang ka phoso, o tla eketsa ntho eo e halalelang ka karolo e le nngwe ho tse hlano ya yona, mme a e nee moprista.

15. “ <Baprista ba se ke ba silafatsa dintho tse halalelang, tseo bana ba Iseraele ba di nyehellang Morena;

16. ba se ke ba itjarisa molato wa bokgopo ka ho ja dintho tse halalelang, hobane ke nna Morena ya ba halaletsang.> ”

17. Morena a bua ho Moshe, a re:

18. “Bua ho Arone le ho bara ba hae, le ho bana bohle ba Iseraele, o re ho bona: <Monna ofe kapa ofe wa ntlo ya Iseraele, kapa ya jakileng naheng ya Iseraele, ya tlisang nyehelo ya hae, e ka ba nyehelo ya kano, kapa nyehelo ya boithaopo, e nyehellwang Morena hore e be ya setjheso,

19. hore a tle a amohelehe, eka kgona e be phoofolo e tona, e se nang sepha; e ka ba kgomo, kapa nku, kapa podi.

20. Le se ke la nyehela ka phoofolo e nang le sepha, hobane e ke ke ya amoheleha.

21. Ha monna a etsetsa Morena nyehelo ya sehlabelo sa teboho, e le ya kano e kgethehileng, kapa e le nyehelo ya boithaopo, e be kgomo kapa nku e se nang sepha, hore e tle e amohelehe.

22. Tse foufetseng, kapa tse robehileng, kapa tse holofetseng, kapa tse nang le dibebe, kapa dihlahala, kapa lekgwekgwe, tsena le se ke la nyehella Morena ka tsona; le se ke la etsa nyehelo ya setjheso ka tsona hodima aletare ya Morena.

23. Haeba pohwana kapa nku e ena le maoto a fetanang, o ka etsa nyehelo ya boithaopo ka yona, empa bakeng sa nyehelo ya kano e ke ke ya amoheleha.

Meetlo 22