Meetlo 21:9-17 BIBELE (SSO89SO)

9. “ <Moradi wa moprista ha a itshilafatsa ka bootswa, o silafatsa ntatae, mme moradi eo o tla tjheswa ka mollo.

10. “ <Moprista e Moholo, ya ileng a tshelwa hloohong ka ole e tlotsang, ya ileng a halaletswa hore a tle a apare diaparo tsa boprista, a se ke a tlohela moriri wa hae wa hlantholoha, mme a se ke a hahola diaparo tsa hae.

11. A se ke a kena kamoo ho beilweng setopo; leha e ka ba setopo sa ntatae kapa sa mmae, a se ke a itshilafatsa ka ho kena ka ho sona.

12. A se ke a tswa ka Sehalalelong, esere a silafatsa Sehalalelo sa Modimo wa hae, hobane o halaleditswe ke Modimo ka ho tshelwa ka ole e tlotsang. Ke nna Morena.

13. “ <A nyale morwetsana.

14. A se ke a nyala mohlolohadi, kapa mosadi ya hladilweng, kapa seraburabu, kapa seotswa, empa a nyale morwetsana wa setjhaba sa habo.

15. A se ke a silafatsa bana ba hae setjhabeng sa habo, hobane ke nna Morena ya mo halaletsang.> ”

16. Morena a bua ho Moshe, a re:

17. “Bua ho Arone, o re: <Hara ditloholo tsa hao, melokong yohle ya tsona, ho se be monna ya nang le sepha, ya tla etsa nyehelo ya dijo tsa Modimo wa hae.

Meetlo 21