5. Empa ha a ka beleha ngwana wa ngwanana, o tla dula dibeke tse pedi a le sesila, jwalokaha a ile dinakong tsa hae, mme o tla dula matsatsi a mashome a tsheletseng a itlhwekisa lehatlelo la hae.
6. “ <Hoba a belehe ngwana wa moshanyana kapa wa ngwanana, ha matsatsi a hae a ho itlhwekisa a fedile, o tla tlisa ho moprista, monyakong wa Tente ya Morena, konyana e nang le selemo, e le nyehelo ya setjheso, le ledinyane la leebana kapa leebanakgorwana, e le nyehelo e tlosang sebe.
7. Moprista o tla nyehella Morena ka tsona, a mo etsetse tefelo ya sebe, mme jwale o tla hlweka lehatlelong la hae. Ona ke molao wa motswetse ya belehang ngwana wa moshanyana kapa wa ngwanana.
8. “ <Empa ha a ka hloka konyana, o tla nka maebanakgorwana a mabedi, kapa maeba a mabedi, le leng e be la nyehelo ya setjheso, le leng e be la nyehelo e tlosang sebe. Moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe, mme o tla hlweka hape.> ”