Mareka 16:7-12 BIBELE (SSO89SO)

7. Le mpe le yo bolella barutuwa ba hae le Petrose, le re: <O le etella pele ho ya Galelea; le tla mmona teng, jwalokaha a le boleletse!> ”

8. Ba tswa lebitleng, ba baleha, hobane ba ne ba thothomela ke letswalo; mme ha ba a ka ba bolella motho le ya mong, hobane ba ne ba tshohile.

9. Hoba Jesu a tsohe kameso, ka letsatsi le qalang beke, a qala ka ho iponahatsa ho Maria wa Magadala, eo a neng a lelekile bademona ba supileng ho yena.

10. Yena a ya tsebisa ba neng ba bile le Jesu, ba neng ba hlomohile, ba lla.

11. Empa ha ba utlwa hore o a phela, mme o bonwe ke Maria, ba se ke ba dumela.

12. Kamora moo, Jesu a iponahatsa ka sebopeho sesele ho ba babedi ba bona, ba neng ba tsamaya naheng.

Mareka 16