Mareka 15:8-20 BIBELE (SSO89SO)

8. Letshwele la nyolohela ha Pilato, mme la qala ho kopa ho etsetswa jwalokaha a ne a ye a le etsetse.

9. Pilato a araba, a re: “Na le rata ha ke le lokollela kgosi ya Bajuda?”

10. O ne a tseba hore baprista ba baholo ba neelane ka Jesu ka baka la mona.

11. Empa baprista ba baholo ba susumetsa letshwele ho kopa hore a mpe a ba lokollele Barabase.

12. Pilato a boela a re ho bona: “Jwale ke etse jwang ka eo le mmitsang kgosi ya Bajuda?”

13. Empa bona ba boela ba howa, ba re: “Mo thakgise!”

14. Pilato a re ho bona: “Empa o entse bobe bofe?”Ba eketsa ho howa, ba re: “Mo thakgise!”

15. Pilato, ka ho lakatsa ho kgotsofatsa letshwele, a ba lokollela Barabase, mme hoba a laele hore Jesu a shapuwe, a neelana ka yena hore a thakgiswe.

16. Yaba bahlabani ba isa Jesu kahare, lebaleng la ntlo ya bobusisi, mme ba bitsa lebotho lohle.

17. Ba mo apesa seaparo se sefubedu, ba loha mofapahlooho wa meutlwa, ba mo rwesa wona.

18. Ba qala ho mo dumedisa, ba re: “Ahe! Kgosi ya Bajuda!”

19. Ba mmata hloohong ka leqala, ba mo tshwela ka mathe, ba koqama ka mangwele sa mokana ba mo kgumamela.

20. Ha ba se ba mo somile, ba mo hlobodisa seaparo se sefubedu, ba mo apesa diaparo tsa hae, mme ba mo kgannela kantle hore ba tle ba yo mo thakgisa.

Mareka 15