Maele 30:8-14 BIBELE (SSO89SO)

8. Suthisetsa bolotsana le mashanohole le nna,o se ke wa nthuisakapa wa mphutsanehisa,o mphepe ka dijo tse ntekaneng;

9. esere ha ke kgotsheyaba ke a o latola,ke re: <Morena ke mang?>Kapa ka futsaneha,yaba ke a utswa,mme ka tlaelaka lebitso la Modimo wa ka.

10. “O se ke wa nyedisa mohlankaho monga hae,esere a o rohaka,wa fumanwa o le molato.

11. “Moloko o tengo rohakang bo-ntata wona,o sa hlompheng le bo-mma wona.

12. Moloko o tengo ithetsang ka ho re o hlwekile,empa o sa hlwekiswaditshila tsa wona.

13. Moloko o teng o ikgohomosang,o shebang batho ka ho ba nyedisa.

14. Moloko o tengo meno a kang disabole,oo a mohlaare a kang dithipa,ho harola bafumanehi lefatsheng,le bahloki ba phelang hara setjhaba.

Maele 30