Maele 20:7-12 BIBELE (SSO89SO)

7. Metsamao ya ya lokilengha e na kodi,bana ba hae ba tla hlohonolofala.

8. Kgosi ha e dutsetulong sa yona sa kahlolo,ka mahlo a yonae tsheka bobe bohle.

9. Ke mang ya ka reng:“Ke hlwekisitse pelo ya ka,nna ke hlwekile ha ke na sebe?”

10. Tekanyo tse pedi tse sa lekaneng,esita le boima bo sa lekaneng,bobedi ke manyala,ke manyala mahlong a Morena.

11. Ngwana o tsejwa ka ketso tsa hae,e ka ba tse ntle, e ka ba tse lokileng.

12. Tsebe e mamelangle leihlo le bonang,bobedi ba tsonadi entswe ke Morena.

Maele 20