Maele 15:7-15 BIBELE (SSO89SO)

7. Molomo wa ya bohlale o jala tsebo,pelo ya ya sethoto yona e mpe.

8. Mahlabelo a ya kgopoke manyala ho Morena,empa thapelo ya ya lokilenge a mo kgahla.

9. Ditsela tsa ya kgopoke manyala ho Morena,ya labalabelang ho lokayena o a mo rata.

10. Ya kgelohang tsela o tla otlwa haholo,ya hloileng kgalemo yena o tla timela.

11. Morena o tsebatse ka Nqalong ya Bafu,le tse ka ho ya Timelo o a di tseba,a ka sitwa keng ho tsebamakunutu a batho?

12. Mosomi yena o hloile kgalemo,le ho ba bohlalea ke ke a batla keletso.

13. Pelo ha e thabilesefahleho se kganya kgotso,empa ha e hlomohilemotho o utlwa bohloko.

14. Ya nang le kutlwisisoo labalabela tsebo,athe dithoto tsonadi labalabela bothoto.

15. Ya tshwenngwango phela habohloko ka nako tsohle,ya thabilengyena o keteka kamehla.

Maele 15