Luka 2:43-49 BIBELE (SSO89SO)

43. Hoba ba qete matsatsi a mokete, ha ba kgutlela hae, moshanyana Jesu a sala Jerusalema, batswadi ba hae ba sa tsebe.

44. Empa ka ho hopola hore o hara mmidimidi, ba tsamaya leeto la letsatsi, ba nto mmatla hara bang ka bona le hara ba tsebanang le bona.

45. Ha ba sa mo fumane, ba kgutlela Jerusalema ba ntse ba mmatla.

46. Kamora matsatsi a mararo ba mo fumana ka Tempeleng a dutse hara baruti, a ba mametse, a ntse a ba botsa,

47. mme bohle ba mo mametseng ba ne ba hlollwa ke kelello ya hae le dikarabo tsa hae.

48. Ha batswadi ba hae ba mmona, ba tsota, mme mmae a re ho yena: “Ngwana ka, o re etseditseng tjee? Bona, rona le ntatao re ne re ntse re o batla re tshwenyehile.”

49. A re ho bona: “Le ne le mpatlelang? Na le ne le sa tsebe hore ke tshwanetse ho ba mosebetsing wa Ntate?”

Luka 2