Luka 15:17-27 BIBELE (SSO89SO)

17. “Eitse hoba a ikelellwe, a re: <Bahiruwa ba bangata hakaakang ba ntate ba jang ba be ba di shebe feela, empa nna mona ke bolawa ke tlala.

18. Ke tla tsamaya, ke ye ho ntate, ke re ho yena: Ntate, ke sitetswe lehodimo le wena:

19. Ha ke sa lokela ho bitswa mora wa hao; ako nketse e mong wa bahiruwa ba hao.>

20. A tsamaya, a ya ho ntatae.“Yare a sa le hole ntatae a mmona, a mo utlwela bohloko, a matha, a mo kopa ka molala, a mo aka.

21. “Mora a re ho yena: <Ntate, ke sitetswe lehodimo le wena: Ha ke sa lokela ho bitswa mora wa hao.>

22. “Empa ntatae a re ho bahlanka ba hae: <Phakisang le tlise seaparo se setlesetle, le mo apesa sona, le mo rwese lesale monwaneng, le meqathatso maotong.

23. Hape le tlise namane e nontshitsweng, le e hlabe, re je, mme re keteke,

24. kahobane mora enwa wa ka o ne a shwele, empa o boetse o a phela; o ne a lahlehile, jwale o fumanwe.> Yaba ba qala ho keteka.

25. “Mora wa hae e moholo o ne a le naheng. Ha a kgutla, mme a se a atametse ntlo, a utlwa diletsa le motjeko.

26. A bitsa e mong wa bahlanka, a mmotsa, a re: <Ho etswang moo?>

27. “Eo a re ho yena: <Moena hao o fihlile, mme ntatao o mo hlabetse namane e nontshitsweng, kahobane a boetse a mo fumane a sa phela hantle.>

Luka 15