Luka 14:19-25 BIBELE (SSO89SO)

19. “E mong a re: <Ke rekile dipholo tse lekanang joko tse hlano, mme ke sa ya di leka. Ke a o kopa, o ntatolele.>

20. “E mong hape a re: <Ke tswa nyala mosadi, mme nke ke ka tla ke hona.>

21. “Mohlanka a kgutla, a tsebisa monga hae ditaba tseo. Ya eba moo monga ntlo a halefang, a re ho mohlanka wa hae: <Phakisa o tswele ditseleng le ditselaneng tsa motse, o tlise kwano mafutsana, le dihole, le difofu, le diritsa.>

22. “Mohlanka a re: <Monghadi, ke phethile taelo ya hao, feela ho sa na le sebaka.>

23. “Monga mohlanka a re ho yena: <Tswela ditseleng le meterong, o ba qophelle ba kene, hore ntlo ya ka e tle e tlale,

24. hobane ke a o bolella hore ha ho le ya mong wa banna bane ba neng ba memilwe ya tla latswa dijo tsa ka.> ”

25. Matshwelehadi a ne a tsamaya le Jesu, yaba o a reteleha, o re ho wona:

Luka 14