9. Tshila tsa Jerusalemadi kgomaretse,di kgomaretse aparong tsa yona,ha e a ka inahanelapheletso ya yona.Ho wa ha yona e bile ho makatsang,ha ho a ba le ya mongya e tshedisang.“Oho, Morena,ako bone matshwenyeho a ka,sera ke sena kajeno se a ithorisa!”
10. Sera se nanabeditseletsoho la sona,sa le nanabetsa,sa nka maruo wohle a yona;Jerusalema e bonebaditjhaba ba kena,ba kena ka Sehalalelong sa yona,bona bao o neng o laetse,o itse ba se kenephuthehong ya hao.
11. Tjhaba sohle sa yonase qetwa ke mefehelo,se fehelwaha se ntse se sikila bohobe;matlotlo a sona se a ananya dijo,hore se nne se tsebe ho phela.“Oho, Morena, ako tadime,o be o bone;bona kamoo ke nyedisehang kateng!”
12. “Lona bohle, bo-mofeta-ka-tsela,na hoo ha ho re letho ho lona?Qamakang kahohle le ke le bone:Na matshwenyehoa tshwanang le a ka a teng,matshwenyeho aoke otlilweng ka wona,ao Morena a a theoletseng hodima ka,mohla tsatsi la kgalefoe tlokomang ya hae?
13. Morena o rometse molloo theoha hodimo,wa nkena masapong,wa tjhatjhametsa;maotong a ka o tjhehile leraba,a etsa hore ke be ke kgutle,ke kgutle ka santhao.O nkentse hore ke sale ke le inotshi,o ntjesa bodutu kamehla yohle.
14. “Dibe tsa ka tsohleMorena o a di tseba,ka tsoho la hae a di loha,tsa etsa thapo,molaleng wa kaa di tlama jwaloka joko,boima ba tsonaba mphokodisa haholo.Morena o neelane ka nnaho dira tsa ka,a nnea baonke keng ka ba lwantsha.