Joshua 2:1-3 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha ba le Shitime, Joshua, mora wa Nune, a roma banna ba babedi ba dihlwela, ka lekunutu, a re ho bona: “Eyang, le yo hlahloba naha le motse wa Jeriko.” Banna bao ba babedi ba ya, ba fihla ka tlung ya mosadi wa seotswa, ya bitswang Rahaba, mme ba robaletsa teng.

2. Ha tsebiswa kgosi ya Jeriko, ha thwe: “Hela, bosiung bona bona ho fihlile banna ba Baiseraele mona, ba tlilo hlahloba naha.”

3. Yaba kgosi ya Jeriko e romela molaetsa ho Rahaba, e re: “Ntsha banna ba fihlileng ho wena, ba keneng ka tlung ya hao, hobane ba tlile mona ho tla hlahloba naha yohle.”

Joshua 2