7. Hape e le Aine, le Rimone, le Etere, le Ashane; metse e mene le metsana ya yona.
8. Le metse yohle e neng e potapotile metse eo, ho ya fihla Baalate-Beere, le Rama e ka borwa.Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Simeone, ho ya ka malapa abo bona.
9. Kaha karolo ya bana ba Juda e ne e le kgolo ho feta palo ya bona, karolo e nngwe ya naha eo ya bana ba Juda e ile ya abelwa bana ba Simeone. Ka baka leo, naha ya bana ba Simeone e ne e le kahara naha ya bana ba Juda.
10. Jwale ha tswa lotho la boraro la bana ba Sebulone, ho ya ka malapa abo bona. Moedi wa naha ya bona o ne o fihla Saride.