39. Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Nafthali, le metse le metsana ya yona, ho ya ka malapa abo bona.
40. Lotho la bosupa la tswa e le la bana ba morabe wa Dane, ho ya ka malapa abo bona.
41. Moedi wa bona o ne o akaretsa Sora, le Eshetaole, le Ire-Shemeshe,
42. le Shaalebine, le Aiyalone, le Jitela,
43. le Elone, le Timina, le Ekerone,
44. le Eleteke, le Gibetone, le Baalate,
45. le Jehude, le Bene-Berake, le Gate-Rimone,
46. le Me-Jarekone, le Rakone, le naha e tobaneng le Jafo.
47. Bana ba Dane ba ne ba haellwa ke naha ya bona, mme ba nyoloha, ba futuhela Lesheme. Ba e hapa, ba bolaya baahi ba yona ka sabole, ya eba ya bona. Ba aha ho yona, yaba Lesheme ba se ba e bitsa Dane ka ho e reella ntata bona Dane.