Joshua 19:29-32 BIBELE (SSO89SO)

29. Jwale moedi o thinyetse Rama, o yo fihla motseng o haheleditsweng wa Tire; ebe o thinyetsa Hosa, o ya fella lewatleng, ho tloha Mehebele ho ya Akasibe,

30. le Uma, le Afeke, le Rehobe. Metse e ne e le mashome a mabedi a metso e mmedi, le metsana ya yona.

31. Ena ke yona naha ya bana ba morabe wa Ashere, le metse le metsana ya yona, ho ya ka malapa abo bona.

32. Lotho la botshelela la tswa e le la bana ba morabe wa Nafthali; ke ho re ba Nafthali ho ya ka malapa abo bona.

Joshua 19