15. Kalebe a nyoloha teng, a futuhela baahi ba motse wa Debiri. Lebitso la pele la motse wa Debiri e ne e le Kiriate-Sefere.
16. Yaba Kalebe o re: “Mang kapa mang ya ka futuhelang motse wa Kiriate-Sefere, mme a o hapa, ke tla mo nea moradi wa ka Akasa, hore e be mosadi wa hae.”
17. Yaba Oteniele, mora wa Kenase, ngwanabo Kalebe, o hapa Kiriate-Sefere, mme Kalebe a mo nea moradi wa hae hore e be mosadi wa hae.
18. Ha Akasa a fihla ho Oteniele, Oteniele a mo pheella hore a kope ntatae, Kalebe, a ke a mo qothele naha.Ha Akasa a tholoha tonki ya hae, Kalebe a re ho yena: “O batlang?”
19. Akasa a re: “Ako mphe mpho e nngwe hape. Erekaha o nneile naha ya Negebe, ako mphe le didiba.” Kalebe a mo nea didiba tse hodimo le tse tlase.