Johanne 21:10-18 BIBELE (SSO89SO)

10. Jesu a re ho bona: “Tlisang tse ding tsa ditlhapi tseo le tswa di tshwasa.”

11. Simone Petrose a hlwella ka sekepeng, a hulela lebopong letlowa le tletseng ditlhapi tse kgolo, tse lekgolo le mashome a mahlano a metso e meraro, empa leha di ne di le ngata hakaalo, letlowa ha le a ka la taboha.

12. Jesu a re ho bona: “Tloong le je!” Ka ho tseba hore ke Morena, ha se ke ha eba le ya mong wa barutuwa ya betang pelo ho mmotsa, ho re: “O mang?”

13. Jesu a tla, a nka bohobe, a ba nea bona; le ka tlhapi a etsa jwalo.

14. E ne e se e le kgetlo la boraro Jesu a iponahatsa ho barutuwa, hoba a tsohe bafung.

15. Jwale ha ba se ba jele, Jesu a re ho Simone Petrose: “Simone, mora Johanne, na o nthata ho feta baa na?”A re ho yena: “E, Morena, o a tseba hore ke a o rata.”Jesu a re ho yena: “Alosa dikonyana tsa ka!”

16. A boela a re ho yena kgetlo la bobedi: “Simone, mora Johanne, na o a nthata na?”A re ho yena: “E, Morena, o a tseba hore ke a o rata.”A re ho yena: “Disa dinku tsa ka!”

17. A re ho yena kgetlo la boraro: “Simone, mora Johanne, na o a nthata na?”Petrose a swaba hobane a itse ho yena kgetlo la boraro: “Na o a nthata na,” mme a re ho yena: “Morena, o tseba tsohle, o a tseba hore ke a o rata.” Jesu a re ho yena: “Alosa dinku tsa ka!

18. Kannetenete, ke a o bolella, ha o ne o sa le motjha o ne o ikapesa, o tsamaya moo o ratang teng, empa ha o se o tsofetse, o tla otlolla matsoho a hao, mme e mong o tla o apesa, a o ise moo o sa rateng teng.”

Johanne 21