23. Mohlang oo ha le na ho mpotsa letho. Kannetenete, ke a le bolella hore eng kapa eng eo le e kopang ho Ntate ka lebitso la ka, o tla le nea yona.
24. Ho fihlela jwale ha le eso kope letho ka lebitso la ka; kopang, mme le tla fuwa, hore thabo ya lona e be e phethehileng.
25. “Ke buile ditaba tsena ho lona ka dipapiso; nako e a tla eo ka yona ke sa tlo hlola ke bua ho lona ka dipapiso, empa ke tla le tsebisa Ntate ka mokgwa o totobetseng.
26. Mohlang oo le tla kopa ka lebitso la ka, empa ha ke re ho lona ke tla le rapella ho Ntate,
27. hobane Ntate ka sebele sa hae o a le rata, kaha le nthatile, mme le dumetse hore ke tswa ho Modimo.
28. Ke tswa ho Ntate, mme ke tlile lefatsheng; ke tloha lefatsheng hape, ke ya ho Ntate.”
29. Barutuwa ba hae ba re: “Bona, jwale o bua ka mokgwa o totobetseng, e seng ka papiso.
30. Jwale re a tseba hore o tseba tsohle, mme ha ho hlokahale hore mang kapa mang a o botse; ka hona re dumela hore o tswa ho Modimo.”