12. “Ke ile ka nyenyeletswaka lekunutu,ka longwa tsebeka ba ka hwesheletswa.
13. Menahanong ya ka, ya ditoro, bosiu,ha phume sa borokobatho se ba katela,
14. tshabo le thothomelotsa nkwela hodimo,masapo wohle a mmele a keqemana.
15. Seriti sa falola kapela mahlo a ka,mmeleng wa kamohwete wa iketsa diqala!
16. Sa re themelele! Ke ntse ke tadimile,sa sona sobepeho ke sa se tsebe!Sa ema kapela mahlo a ka,ha didimala,ka utlwa lentswe le nyenyetsa, le re:
17. <Na ya shwanga ka loka mahlong a Modimo,a hlweka le mahlong a Mmopi wa hae?
18. Ha Modimo a sa tshepebahlanka ba hae,mangeloi a haea a qosetsa bohelehele;
19. a ka tshepa jwangba meqhemeng ya makwete,ba bopilweng ka role la lefatshe,ba phetshelwang habonolojwaloka tshwele?