Jobo 30:3-8 BIBELE (SSO89SO)

3. Ke mekojwane ya bofumale sekoboto,ba phela ka ho ja metsuntsunyane,bosiu ba lelera mahalaopeng.

4. Ba kga bodiladilane hara dihlahla,metso ya tshinabele ke dijo tsa bona.

5. Ba lelekwa hara batho ba bang,ba kueletswejwalokaha eka ke mashodu.

6. Ba phela ka mangopeng a dikgohola,ka madumeleng le kahara mafika;

7. ba bokolla ba le kahara dihlahla,ba sunyame mmoho katlasa bobatsi.

8. Ke bana ba mawatla,bo-mohloka-lebitso,ba lelekilwe lefatsheng, hara batho.

Jobo 30