Jeremia 9:24-26 BIBELE (SSO89SO)

24. empa ya ithorisanga ithorise ka ho re,yena o a nkutlwisisa,o bile o a ntseba;ke nna Morenaya tsebang ho hauhela,ya sebetsang ka tokale ka ho loka lefatsheng,hobane tsena ke tsonatse nthabisang,”ho rialo Morena.

25. “Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “matsatsi ao ka wona ke tla otla bohle ba bolotseng nameng feela:

26. e leng Baegepeta, Bajuda, Baedomo, Baamone, Bamoabe le bohle ba phelang mahwatateng, dibakeng tse hole. Ditjhaba tsena tsohle ha di a bolla; le bohle ba ntlo ya Iseraele ha ba a bolotsa dipelo tsa bona.”

Jeremia 9