Jeremia 39:6-13 BIBELE (SSO89SO)

6. Kgosi ya Babilona ya bolaya bara ba Sedekiya moo a ntseng a ba shebile, ya ba bolaela hona moo Ribela. Kgosi ya Babilona ya bolaya le mahosana wohle a Juda.

7. Jwale ya honya mahlo a Sedekiya, ya mo tlama ka mahlaahlela a lethose, ho mo isa Babilona.

8. Bakalatiya ba tjhesa ntlo ya kgosi le matlo wohle a setjhaba ka mollo, ba heletsa le marako a Jerusalema.

9. Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa batho ba neng ba setse motseng, a ba isa Babilona hammoho le ba neng ba ile ba ineela ho yena, le masalla wohle a setjhaba.

10. Empa Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a tlohela karolo e nngwe ya mafutsana a naheng ya Juda, mme a a fa masimo a dijo le dirapa tsa morara.

11. Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a fana ka taelo malebana le Jeremia, a re ho Nebusaradane, molaodi wa balebedi:

12. “Mo nkeng le mo hlokomele, le se ke la mo etsa hampe, le mpe le mo etsetse tsohle tseo a tla le kopa tsona.”

13. Yaba bo-Nebusaradane, molaodi wa balebedi, le Nebushasebane, mookamedi wa bahlanka, le Neregale-Sharesere, mookamedi a meholo, le balaodi bohle ba kgosi ya Babilona,

Jeremia 39