16. Bohle ba o timetsangle bona ba tla timetswa,dira tsa hao tsohledi tla thopuwa.Ba o hanyapetsangba tla hanyapetswa,ba o hapelangle bona ba tla hapelwa.
17. Ke tla o phekola,ke fodise maqeba a hao,”ho rialo Morena,“hoba ba ile ba o bitsa Molahluwa,ba re: Ena ke Sionee sa natsweng ke motho.”
18. Morena o bua tjena:“Ke tla kgutlisa tjhaba sa ka,Ke se kgutlisetse naheng ya sona,lelapa ka leng ke le hauhele,Masupi a Jerusalema a tla tsoswa,le yona ntlo ya bokgosie be e tsoswe.
19. Baahi ba yonaba tla bina dithoko,mehoo ya thabole yona e utlwahale.Palo ya bona ke tla e eketsa,mme ha ba ka ke ba fokotseha.Ke tla be ke ba tlisetse tlotla,ba ke ke ba hlola ba nyediseha.
20. Bana ba bona ba tla tshwanale mehleng ya kgale,tjhaba sa bona se tsitseke ntse ke se bona;bahatelli ba bona bohleke tla ba otla.