2. Se seng sa diroto tsena se ne se tshetse feiye e ntle, e tshwanang le feiye e butswang pele; se seng sona se tshetse feiye e bodileng, hoo e neng e ke ke ya jewa.
3. Yaba Morena o re ho nna: “Jeremia, o bonang?”Nna ka araba, ka re: “Feiye! Feiye e ntle, e ntle haholo, empa feiye e bodileng yona e bodile hoo e ke keng ya jewa.”
4. Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:
5. “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: <Baahi ba Juda ba thopilweng, bao ke ba ntshitseng naheng ena, ka ba isa naheng ya Bakalatiya, ke tla ba tadima ka mohau jwaloka feiye ena e ntle.
6. Ke tla ba alosa, ke ba etsetse tse molemo, mme ke ba kgutlisetse naheng ena hape. Ke tla ba bopa, ke se ke ka ba qhalanya; ke tla ba tsitsisa, ke se ke ka ba diha.