Jeremia 22:9-14 BIBELE (SSO89SO)

9. Ba tla araba, ba re: <Ke hobane ba furaletse selekane sa Morena Modimo wa bona, ba rapela medimo esele, ba e sebeletsa.> ”

10. Se lleleng mofu,le kgutsana le se e rwale,le mpe le llele haholo ya thopilweng,hobane ha a ka ke a hlolaa kgutla hape,leha e le ho bonafatshe la tswalo ya hae.

11. Morena o bua tjena malebana le Shalome, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, ya ileng a hlahlama ntatae, ya eba kgosi ya Juda, empa jwale ya seng a tlohile sebakeng sena: “A ke ke a hlola a kgutlela sebakeng sena hape.

12. O tla shwela naheng eo a thopetsweng ho yona, mme a ke ke a hlola a bona naha ena hape.”

13. “Ho madimabe ya hahangntlo ya hae ka bolotsana,a hahe disolloro tsa yonaka bomenemene;ya etsang hore mohahaboa sebeletse lelea,ya sa lefeng moputsowa mosebeletsi wa hae.

14. Ya reng: <Ke tla ikgahelantlo ya ka e kgolo,e nang le disolloro tse batsi.>A fela a e etsetsa difesetere,mabota a a manehemapolanka a dikedare,a ba e dile ka mobu o mofubedu.

Jeremia 22