Jeremia 22:8-12 BIBELE (SSO89SO)

8. “Ditjhaba tse ngata di tla feta pela metse ena, motho ka mong a botse wa habo, a re: <Ke ka lebaka lang ha Morena a entse ntho e tjee motseng o moholo hakaale?>

9. Ba tla araba, ba re: <Ke hobane ba furaletse selekane sa Morena Modimo wa bona, ba rapela medimo esele, ba e sebeletsa.> ”

10. Se lleleng mofu,le kgutsana le se e rwale,le mpe le llele haholo ya thopilweng,hobane ha a ka ke a hlolaa kgutla hape,leha e le ho bonafatshe la tswalo ya hae.

11. Morena o bua tjena malebana le Shalome, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, ya ileng a hlahlama ntatae, ya eba kgosi ya Juda, empa jwale ya seng a tlohile sebakeng sena: “A ke ke a hlola a kgutlela sebakeng sena hape.

12. O tla shwela naheng eo a thopetsweng ho yona, mme a ke ke a hlola a bona naha ena hape.”

Jeremia 22