6. Ha e le wena Pashahure, le bohle ba phelang tlung ya hao, le tla thopuwa, le iswe Babilona. O tla shwela teng, mme o epelwe teng, wena le metswalle yohle ya hao eo o e porofetetseng leshano.> ”
7. Morena, o ile wa nthetsa,ka thetseha,wena o matla ho mpheta,mme o ntlhotse.Tsatsi lohle ba ntlepa ditsheho,motho ka mongo nnyekoletsa melomo.
8. Kamehla ha ke bua ke ye ke howe,ke meketse, ke re:“Moferefere le timelo!”Ka dinako tsohle ke a songwa,ke a nyatsuwa,ka baka la ho bolelalentswe la Morena.
9. Ha ke re: “Ha ke sa tla hlolake bua ka Morena,ha ke sa tla hlolake bolela bitso la hae,”ka pelong ya kantswe la hae ke malakabe,ke mollo o tukangkahara masapo a ka,ke se ke kgathetseke ho hlola ke o bipile,ho o mamella le hona ho a ntshita.
10. Ke utlwa ba bangataba ntse ba hweshetsa,ba re: “Kahohle ke Matshabeho!Mo hlahatseng!A re mo hlahatseng!”Metswalle ya ka yohlee laletse hore ke fose,e re:“Mohlomong a ka nna thetseha,yaba re tseba ho mo hlola ke hona,ra ba ra tsebale ho iphetetsa ka yena.”
11. Empa Morena o na le nna,o matla, o a tshabeha,kahoo bahlorisi ba kaba tla kgothometseha.Ha ba ka ke ba ba ba hlola,ba tla hlajwa ke dihlong haholo,merero ya bona e ke ke be ya atleha,le dihlong tsa bonadi ke ke be tsa lebalwa.