2. Haeba ba ka re ho wena: <Re tla ya kae?> ba bolelle, o re: <Morena o bua tjena:“ <Ba abetsweng lefu,ba tla bolawa ke lefu,ba abetsweng sabole,ba tla bolawa ke sabole,ba abetsweng sekoboto,ba tla bolawa ke sekoboto,ba abetsweng bothopuwa,ba tla thopuwa.>
3. “Ke ba kgethetse mekgwa e mene ya ho ba timetsa,” ho rialo Morena. “Sabole e tla ba bolaya, dintja di tla ba harola, dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha di tla ba ja, di ba fedise.
4. Ke tla etsa hore mebuso yohle ya lefatshe e thothomele ke tshabo ka baka la seo Manase, mora wa Hesekiya, kgosi ya Juda, a neng a se etse Jerusalema.