Jeremia 14:18-22 BIBELE (SSO89SO)

18. Ha ke tsamaya ke kena hara naha,ke bona ba bolailweng ka sabole!Ha ke re ke kena kahara motse,ke bona ba bolailweng ke sekoboto!Moporofeta le mopristaka ho tshwanaba lelera hara nahaba sa e tsebe.> ”

19. β€œNa o fela o lahlile Juda ho hang?na o fela o se o nyonya Sione?Ke hobaneng ha o re otlile,re se na pheko?Re ne re lebeletse kgotso,empa molemo ha re o fumane;re ne re lebeletsenako ya ho fodiswa,empa re bona ditsietsi feela!

20. Morena, re ipolela bokgopo,bokgopo ba rona;re bolela le molato,molato wa bo-ntata rona,hobane re fela re o sitetswe.

21. Ka baka la bitso la haoo se ke wa re nyonya,o se ke wa tlontlollaterone e tlotlehang ya hao.Hopola selekaneseo o se entseng le rona,o se hopole,o se ke wa se fedisa.

22. Hara medingwana ya mafeela,medingwana ya baditjhaba,na o tengo ka tsebang ho nesa pula?Na lehodimole theola mafafatsane ka bolona?Na hase wena Morena,Modimo wa rona?Ka baka leo, rona re tshepile wena,hoba tsena tsohle di etswa ke wena.”

Jeremia 14