14. Ke tla ba thulanya ka dihlooho, esita le bo-ntata le bara ba bona,> ho rialo Morena. <Ha ke na ho ba le kutlwelobohloko, kapa lereko; ke tla ba timetsa!> ”
15. Theang tsebe le mamele,le se ke la ikakasa,hoba ke Morena ya seng a buile.
16. Tlotlisang Morena,Morena Modimo wa lona,mo tlotliseng a eso tlise lefifi,maoto a lonaa eso kgothometsehe,a kgothometsehahodima thaba tse lefifi.Lona le lebeletse lesedi,Morena o tla le fetolafifi le letsholetsho,a le fetolefifi la bo-nka-ntjana!
17. Empa haeba le ke ke la mamela,ke tla llelaboikgohomoso ba lona sephiring,mahlo a ka a keleketle dikeledi,hobane mohlape wa Morenao tla bo thopilwe.
18. Ere ho kgosile ho mofumahadi, mmakgosi:“Theohang diteroneng le ikokobetse,hoba le rodisitswemefapahlooho ya tlotla.”
19. Metse e ka Borwae etseditswe thibella,ha ho le ya mongya kenang ho yona,baahi bohle ba Juda ba a thopuwa,ba a thopuwa, e ba kgorolakoqo.
20. Phahamisang mahlo a lona,le bone ba le futuhelangba etswa leboya.O kae mohlape oo o neng o o disa,mohlape wa hao o neng o kgahleha?
21. O tla rengha bao o no re ke metswalle,ba o hlweswa hodimo,e eba babusi ba hao?Na ha o na ho tshwarwa ke mahlaba,o tshwarwe ke mahlabasa mosadi a kena tlung?